-
Numere 22:23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Ha tonki e bona lengeloi la Jehova le eme tseleng le tšoere sabole, ea leka ho kheloha tsela hore e ee tšimong. Empa Balame a qala ho otla tonki eo hore a e khutlisetse tseleng.
-
-
Numere 22:25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 Ha tonki e bona lengeloi la Jehova, ea qala ho ipetelletsa lerakong ’me ea petelletsa leoto la Balame lerakong eaba Balame o e otla hape.
-
-
Numere 22:27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
27 Ha tonki e bona lengeloi la Jehova, ea botha Balame a ntse a e palame. Kahoo, Balame a halefa haholo ’me a ’na a e otla ka molamu oa hae.
-