38 Balame a re ho Balake: “Ke tlile ho uena. Empa na ke tla lumelloa ho bua ntho leha e le efe eo ke batlang ho e bua? Ke tla bua feela mantsoe ao Molimo a reng ke a bue.”+
13 ‘Le haeba Balake a ka mpha ntlo ea hae e tletseng silevera le khauta, nke ke ka etsa ntho leha e le efe eo ke e ratang* e hanyetsanang le taelo ea Jehova ebang e molemo kapa e mpe. Ke tla bua feela seo Jehova a tla mpolella sona.’+