Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 22:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Balame a re ho Molimo oa ’nete: “Balake mora oa Zipore, morena oa Moabe, o rometse molaetsa ho ’na a re, 11 ‘Sechaba se tsoang Egepeta se koahetse lefatše.* Joale tloo ’me u se bitsetse bomalimabe bakeng sa ka.+ Mohlomong nka khona ho se loantša ’me ke se leleke.’”

  • Numere 23:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Eaba Balake o re ho Balame: “Ke hobane’ng ha u nkentse tjee? Ke u tlisitse mona hore u tl’o bitsetsa lira tsa ka bomalimabe empa uena u li hlohonolofalitse.”+

  • Nehemia 13:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Letsatsing leo, buka ea Moshe ea baloa moo batho ba ntseng ba utloa.+ Ho ne ho ngotsoe hore le ka mohla Moamone kapa Momoabe+ ha aa lokela ho kena ka phuthehong ea Molimo oa ’nete+ 2 hobane Baamone ha baa ka ba fa Baiseraele bohobe le metsi. Ho e-na le hoo, ba ile ba hira Balame hore a lakaletse Baiseraele hore ba hlaheloe ke lintho tse mpe.+ Leha ho le joalo, Molimo oa rona o ile a fetola thohako eo hore e be tlhohonolofatso.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela