Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 22:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Mang kapa mang ea etsetsang melimo e meng mahlabelo haese Jehova feela a bolaoe.+

  • Exoda 32:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Moshe a bona hore sechaba se ne se tsoile taolong hobane Arone ha aa ka a se thiba ’me se ile sa itlotlolla ka pel’a bahanyetsi ba sona.

  • Exoda 32:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 A re ho bona: “Jehova Molimo oa Iseraele o itse, ‘E mong le e mong oa lona a tlame sabole ea hae ’me a tsamaee hohle litenteng ho tloha keiting e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, a bolaee ngoan’abo, moahisani oa hae le motho eo a mo tloaetseng haholo.’”+

  • Deuteronoma 13:6-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Haeba ngoan’eno, mora oa ’mè oa hao, mora oa hao, morali oa hao, mosali oa hao ea ratehang kapa motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a leka ho u hohela sephiring a re, ‘A re ee ’me re sebeletse melimo e meng,’+ melimo eo uena kapa baholo-holo ba hao le sa kang la e tseba, 7 melimo ea lichaba tse le potolohileng ebang ke tse haufi kapa tse hole le lona, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea naha ho ea pheletsong e ’ngoe ea naha, 8 u se ke oa lumellana le eena kapa oa mo mamela+ kapa oa mo utloela bohloko kapa oa mo qenehela kapa oa mo sireletsa. 9 Ho e-na le hoo, ka sebele u lokela ho mo bolaea.+ E be uena oa pele ea mo tlepetsang ka majoe e le hore a shoe ebe ka mor’a moo sechaba sohle se mo tlepetsa ka majoe.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela