-
Numere 32:1-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
32 Bara ba Rubene+ le bara ba Gade+ ba ne ba e-na le liphoofolo tse ngata haholo ’me ba bona hore naha ea Jazere+ le ea Gileade e ne e le libaka tse ntle bakeng sa liphoofolo. 2 Kahoo, bara ba Gade le bara ba Rubene ba tla ho Moshe, ho moprista Eleazare le ho likhosana tsa sechaba ’me ba re: 3 “Atarothe, Dibone, Jazere, Nimra, Heshbone,+ Eleale, Sebame, Nebo+ le Beone,+ 4 naha eo Jehova a e hlotseng ka pel’a sechaba sa Iseraele,+ ke naha e ntle bakeng sa liphoofolo ’me re na le liphoofolo tse ngata.”+ 5 Ba boela ba re: “Haeba u lumela, re kopa u re fe naha ena. U se ke oa re tšelisa Jordane.”
-