Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 4:34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Batho ba ne ba tla ho tsoa lichabeng tsohle ho tla utloa bohlale ba Solomone, ho akarelletsa le marena a tsoang lefatšeng lohle a neng a utloile ka bohlale ba hae.+

  • 1 Marena 10:4-7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ha mofumahali oa Sheba a bona kamoo Solomone a leng bohlale kateng,+ a bona ntlo eo a e hahileng,+ 5 lijo tse tafoleng ea hae,+ tsela eo bahlanka ba hae ba lutseng ka eona, basebeletsi ba hae ba fanang ka lijo tafoleng le tsela eo ba apereng ka eona, baqhatsetsi ba hae le mahlabelo a hae a secheso ao a neng a a etsa kamehla ntlong ea Jehova, a sala a maketse. 6 A re ho morena: “Bohlale ba hao le lintho tseo u li entseng tseo ke li utloileng naheng ea heso ke ’nete. 7 Ke ne ke sa kholoe ho fihlela ke tla ’me ke li bona ka mahlo a ka. Ke ne ke sa bolelloa lintlha kaofela. Empa bohlale le tsela eo u atlehileng ka eona li feta hole lintho tseo ke li utloetseng.

  • Daniele 1:19, 20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Ha morena a bua le bona, sehlopheng sohle sa bona ho ne ho se na ea tšoanang le Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria.+ Ba ile ba sala ’me ba sebeletsa morena. 20 Ha morena a ba botsa ka litaba tse hlokang bohlale le kutloisiso, o ile a hlokomela hore bohlale ba bona bo feta ba baprista bohle ba maselamose le linohe+ tse pusong ka makhetlo a leshome.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela