4 U se ke oa iketsetsa setšoantšo kapa ntho leha e le efe e tšoanang le ntho e holimo maholimong kapa e tlase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše.+
15 ‘Ho rohakoe motho ea etsang setšoantšo+ kapa seemahale sa tšepe*+ ebile a se beha moo ho patehileng e leng ntho e nyonyehang ho Jehova,+ ntho e entsoeng ke setsebi sa mosebetsi oa matsoho.* (Sechaba sohle se tla araba se re, ‘Amen!’*)
29 Kaha re bana ba Molimo,+ ha rea tšoanela ho nahana hore Molimo o tšoana le setšoantšo sa khauta, silevera kapa lejoe. Ha a tšoane le lintho tseo batho ba iqapetseng tsona eaba ba li etsa ka matsoho a bona.+