Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 26:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Qetellong Jehova a re ntša Egepeta ka letsoho le matla,+ ka liketso tse tšosang le ka lipontšo le mehlolo.+

  • Pesaleme 78:43-51
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 43 Kamoo a ileng a etsa lipontšo kateng Egepeta,+

      Kamoo a ileng a etsa mehlolo kateng sebakeng sa Zooane

      44 Le kamoo a ileng a fetola melatsoana ea Nile mali+

      E le hore ba se ke ba khona ho noa metsi a linokana tsa bona.

      45 A romela liboba* tse ngata haholo hore li ba lome+

      Le linqanqane hore li ba felise.+

      46 A romela litsie tse senyang hore li senye masimo a bona

      Le litsie tse ngata hore li senye lijalo tseo ba li sebelelitseng ka thata.+

      47 O ile a senya lifate tsa bona tsa morara ka sefako+

      Le lifate tsa bona tsa sikamora ka majoe a sefako.

      48 A bolaea liphoofolo tsa bona ka sefako,+

      A bolaea le liphoofolo tseo ba li ruileng ka lehalima.*

      49 A ntšetsa bohale ba hae bo tukang ho bona,

      Khalefo le tlokotsi,

      A romela lihlopha tsa mangeloi tse tlisang tlokotsi.

      50 A lokolla bohale ba hae.

      Ha aa ka a ba sireletsa hore ba se ke ba shoa.

      O ile a etsa hore ba tšoaroe ke boloetse bo bolaeang.

      51 Qetellong a bolaea matsibolo ’ohle a Egepeta+

      E leng ba neng ba tsoetsoe pele litenteng tsa Kama.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela