-
Deuteronoma 27:2, 3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Letsatsing leo ka lona le tšelang Jordane ho ea naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, le emise majoe a maholo ’me le a lile ka letsopa.*+ 3 Ka mor’a moo, le ngole mantsoe ’ohle a Molao ona holim’a ’ona ha le se le tšetse e le hore le kene naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, naha e phallang lebese le mahe a linotši joalokaha Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona a le tšepisitse.+
-