-
Deuteronoma 19:16-19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Haeba motho a fana ka bopaki ba leshano khahlanong le e mong ’me a mo qosa ka ho etsa phoso e itseng,+ 17 batho bana ba babeli ba nang le qabang ba tla ema ka pel’a Jehova, ka pel’a baprista le baahloli ba tla beng ba le teng ka nako eo.+ 18 Baahloli ba tla batlisisa+ ’me haeba motho ea faneng ka bopaki a buile leshano ’me a qositse ngoan’abo ka leshano, 19 le mo etse seo a neng a rerile ho se etsa ho ngoan’abo,+ le tlose se sebe har’a lona.+
-
-
Liproverbia 6:16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Ho na le lintho tse tšeletseng tseo Jehova a li hloileng,
Ha e le hantle, ke lintho tse supileng tseo a li nyonyang:
-