27 Ke tla etsa hore lira tsa lona li ntšabe le pele le fihla ho tsona+ ’me ke tla ferekanya lichaba tsohle tseo le tla kopana le tsona. Ke tla etsa hore le hlole lira tsohle tsa lona li be li le balehe.+
8 Ke behile naha ena ka pel’a lona. Kenang ’me le nke naha eo Jehova a ikanneng ho bo-ntat’a lona, Abrahama, Isaka+ le Jakobo+ hore o tla ba fa eona le litloholo* tsa bona.’+