Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 4:25, 26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Haeba le e-ba le bara le litloholo ebile le se le phetse nako e telele naheng ’me le itšilafatsa ka ho etsa setšoantšo se betliloeng+ sa mofuta leha e le ofe, hape le etsa ntho e sa thabiseng Jehova Molimo oa lona ’me le mo halefisa,+ 26 kajeno ke nka maholimo le lefatše e le lipaki khahlanong le lona hore ka sebele le tla felisoa ka potlako naheng eo le tšelang Jordane ho ea e nka hore e be ea lona. Le ke ke la lula nako e telele ho eona empa le tla felisoa ka ho felletseng.+

  • Deuteronoma 30:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Empa haeba lipelo tsa lona li kheloha,+ le sa mamele ’me le susumetsoa hore le inamele melimo e meng le ho e sebeletsa,+ 18 kajeno kea le bolella hore ka sebele le tla shoa.+ Le ke ke la phela nako e telele naheng eo le tšelang Jordane ho ea e nka hore e be ea lona.

  • Joshua 23:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Empa haeba le ka furalla Molimo la khomarela lichaba tsena tse setseng+ le lona la ba la nyallana+ le tsona le ho itsoakanya le tsona, 13 le tsebe hore Jehova Molimo oa lona a ke ke a tsoela pele ho leleka lichaba tsena bakeng sa lona.+ Lichaba tsena e tla ba sefi le leraba le sephali se le otlang ka mahlakoreng+ ’me e be meutloa ka mahlong a lona ho fihlela le felisitsoe naheng ena e ntle eo Jehova Molimo oa lona a le fileng eona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela