-
Numere 13:23-27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Ha ba fihla Khohlong* ea Eshkole,+ ba khaola lekala le nang le morara o mongata, leo banna ba babeli ba neng ba lokela ho le jara holim’a palo hammoho le likharenate le lifeie.*+ 24 Ba reha sebaka seo Khohlo ea Eshkole*+ ka lebaka la morara o mongata oo Baiseraele ba o khileng moo.
25 Ka mor’a matsatsi a 40+ ba khutla ho tsoa hloela* naha. 26 Kahoo, ba khutlela ho Moshe le Arone le ho sechaba sohle sa Baiseraele lefeelleng la Parane, Kadeshe.+ Ba tlisa tlaleho ho sechaba sohle ’me ba se bontša litholoana tsa naha. 27 Ba tlalehela Moshe ba re: “Re kene naheng eo u re rometseng ho eona. E phalla lebese le mahe a linotši+ ’me tsena ke litholoana tsa eona.+
-