-
Exoda 19:19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
19 Ha molumo oa lenaka o ntse o e-ba matla haholo, Moshe a bua ’me lentsoe la Molimo oa ’nete la mo araba.
-
-
Deuteronoma 4:10-13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Letsatsing leo ka lona le ileng la ema ka pel’a Jehova Molimo oa lona Horebe, Jehova o ile a re ho ’na, ‘Mpitsetse sechaba hore se tl’o utloa mantsoe a ka+ e le hore se ithute ho ntšaba+ ha se ntse se phela lefatšeng le hore se rute bara ba sona.’+
11 Kahoo, la tla ’me la ema botlaseng ba thaba. E ne e tuka ’me mollo oo o fihla maholimong. Ho ne ho le lefifi, ho e-na le maru le botšo bo boholo.+ 12 Jehova a bua le lona a le har’a mollo.+ Le ile la utloa a bua empa ha lea ka la bona letho,+ le ne le utloa lentsoe feela.+ 13 A le bolella selekane* sa hae+ seo a le laetseng hore le se phethe e leng Melao e Leshome.*+ Ka mor’a moo, a e ngola matlapeng a mabeli a lejoe.+
-