Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 14:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 E-re ho bona, ‘Jehova o re: “Ke hlapanya ka ’na* hore ke tla le etsa ka tsela eo ke le utloileng le bua ka eona.+

  • Numere 14:35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 ’Na Jehova, ke buile. Ke tla etsa tjena ho sechaba sena sohle se sa lokang, se bokaneng khahlanong le ’na: Se tla fella lefeelleng lena ’me se tla shoella mona.+

  • Numere 32:10-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Jehova o ile a halefa haholo letsatsing leo hoo a ileng a hlapanya a re:+ 11 ‘Banna ba tsoileng Egepeta ba lilemo li 20 ho ea holimo ba ke ke ba bona naha+ eo ke hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo+ hore ke tla ba fa eona hobane ha baa ka ba ntatela ka lipelo tsohle tsa bona, 12 ntle ho Kalebe+ mora oa Jefune Mokenize le Joshua+ mora oa Nune hobane ba latetse Jehova ka lipelo tsohle tsa bona.’+

  • Deuteronoma 2:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Re tsamaile lilemo tse 38 ho tloha Kadeshe-barnea ho fihlela re tšela Khohlo ea Zerede, ho fihlela moloko oohle oa banna ba ntoa o felisitsoe har’a liahelo feela joalokaha Jehova a ne a ikanne ho bona.+

  • Pesaleme 95:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Kahoo, ka ikana ke halefile ka re:

      “Ba ke ke ba phomola le ’na.”+

  • Baheberu 3:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Kahoo, ka ikana ke halefile ka re: ‘Ba ke ke ba phomola le ’na.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela