26 Le ka reka eng kapa eng eo le e batlang ebang ke likhomo, linku, lipoli, veine le lino tse ling tse nang le joala le ntho leha e le efe eo le e thabelang ’me le tla li jella moo ka pel’a Jehova Molimo oa lona ’me le thabe le ba malapa a lona.+
66 Letsatsing le latelang* a re sechaba se tsamaee ’me sechaba sa kopa Molimo hore a hlohonolofatse morena eaba se khutlela malapeng a sona se thabile ka lebaka la lintho tse ntle+ tseo Jehova a neng a li etselitse mohlanka oa hae Davida le sechaba sa hae sa Iseraele.
10 Nehemia a re ho bona: “Tsamaeang, le je lijo tse monate* ’me le noe lintho tse monate hape le fane ka lijo tse ling+ ho ba se nang letho hobane letsatsi lena lea halalela ho Morena oa rona ’me le se ke la utloa bohloko kaha thabo eo Jehova a le fang eona ea le matlafatsa.”*