18 Letsatsing leo, Jehova a etsa selekane le Abrame+ a re: “Ke tla fa bana* ba hao naha ena,+ ho tloha nokeng ea Egepeta ho ea nokeng e kholo ea Eufrate.+
24 Ke tla lelekela lichaba hole le uena+ ’me ke tla etsa hore sebaka sa hao se be seholo ’me ha ho ea tla lakatsa naha ea hao ha u nyoloha ho ea bona sefahleho sa Jehova Molimo oa hao hararo ka selemo.
24 Sebaka se seng le se seng seo le hatang ho sona e tla ba sa lona.+ Moeli oa lona o tla tloha lefeelleng ho ea fihla Lebanone, ho tloha Nokeng, e leng noka ea Eufrate ho ea leoatleng* le ka bophirimela.+