-
Levitike 11:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Sena ke seo le ka se jang har’a libopuoa tsohle tsa metsing: Ntho leha e le efe e ka metsing e nang le mapheoana le makhakhapha ebang e maoatleng kapa linokeng.+ 10 Empa ntho leha e le efe e maoatleng le e linokeng e se nang mapheoana le makhakhapha ho libopuoa tsohle tse nyenyane tse tsamaeang e le sehlopha le sebopuoa se seng le se seng se phelang ka metsing, ke ntho e nyonyehang ho lona.
-