Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 14:39-45
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 39 Ha Moshe a bolella Baiseraele bohle mantsoe ana, ba utloa bohloko haholo. 40 Ho feta moo, ba tsoha hoseng haholo ’me ba leka ho nyolohela ka holim’a thaba ba re: “Ke rona bana ’me re se re itokiselitse ho nyolohela sebakeng seo Jehova a buileng ka sona hobane re entse sebe.”+ 41 Empa Moshe a re: “Ke hobane’ng ha le tlola taelo ea Jehova? Ntho eo le batlang ho e etsa e ke ke ea atleha. 42 Le se ke la nyoloha hobane Jehova ha a eo har’a lona ’me lira tsa lona li tla le hlola.+ 43 Baamaleke le Bakanana ba teng ho kopana le lona+ ’me le tla bolaoa ka sabole. Kaha le khaolitse ho latela Jehova, Jehova le eena a ke ke a ba le lona.”+

      44 Leha ho le joalo, ba ile ba e-ba manganga ’me ba nyolohela ka holim’a thaba+ empa areka ea selekane sa Jehova ha ea ka ea tloha har’a liahelo le Moshe ha aa ka a tloha.+ 45 Joale Baamaleke le Bakanana ba neng ba lula thabeng ba theoha ’me ba ba hlasela, ba ba hasanya ho ea fihla Horma.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela