2 “Halaletsang* letsibolo le leng le le leng le letona* bakeng sa ka har’a Baiseraele. Letsibolo le letona le tla hlaha har’a batho le liphoofolo ke la ka.”+
30 Sena ke seo u lokelang ho se etsa ka poho ea hao le ka nku ea hao:+ E tla qeta matsatsi a supileng le ’mè oa eona. U mphe eona ka letsatsi la borobeli.+
13 Matsibolo ’ohle ke a ka.+ Ka letsatsi leo ka lona ke neng ke otla matsibolo ’ohle naheng ea Egepeta,+ ke ile ka halaletsa matsibolo ’ohle a Iseraele bakeng sa ka ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo.+ E tla ba a ka. Ke ’na Jehova.”
15 Letsibolo le leng le le leng la lintho tsohle tse phelang+ leo ba le hlahisang ho Jehova, ebang ke la motho kapa la phoofolo, e tla ba la hao. Leha ho le joalo, u lopolle matsibolo+ a batho le matsibolo a liphoofolo tse sa hloekang.+
17 Ke feela letsibolo la poho kapa letsibolo la konyana e tona kapa letsibolo la poli leo u sa lokelang ho le lopolla.+ Ke lintho tse halalelang. U fafatse mali a tsona aletareng+ ’me u etse hore mafura a tsona a kubelle e le nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*+