Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 49:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Lere la borena le ke ke la tloha ho Juda+ le lere la bolaoli le ke ke la tloha pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo* a tla+ ’me lichaba li tla mo mamela.+

  • Numere 24:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ke tla mo bona empa eseng hona joale,

      Ke tla mo bona empa eseng haufinyane.

      Naleli+ e tla tsoa ho Jakobo

      ’Me molamu oa borena+ o hlahe ho Iseraele.+

      O tla pshatla phatla ea Moabe+

      Le mahata a bara bohle ba morusu.

  • Luka 7:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Kaofela ba tšoha ’me ba qala ho rorisa Molimo ba re: “Molimo o re hlahiselitse moprofeta e moholo,”+ hape ba re: “Molimo o hopotse batho ba hae.”+

  • Johanne 1:45
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 45 Filipi a fumana Nathanaele+ ’me a re ho eena: “Re fumane Jesu mora oa Josefa+ ea tsoang Nazaretha eo Molao oa Moshe le libuka tsa Baprofeta li buang ka eena.”

  • Johanne 6:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ha batho ba bona mohlolo ona ba re: “Kannete enoa ke Moprofeta eo ho itsoeng o tla tla lefatšeng.”+

  • Liketso 3:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Moshe o ile a re: ‘Jehova* Molimo oa lona o tla le khethela moprofeta ea tšoanang le ’na har’a bana ba bo lona.+ Le mamele lintho tsohle tseo a le bolellang tsona.+

  • Liketso 7:37
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 37 Moshe ke eena ea ileng a re ho Baiseraele: ‘Molimo o tla le khethela moprofeta ea tšoanang le ’na har’a bana ba bo lona.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela