-
1 Samuele 14:47, 48Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
47 Saule a busa libaka tsohle tsa Iseraele ’me a loantša lira tsohle tsa hae tse ka mahlakoreng ’ohle. A loantša Bamoabe,+ Baamone,+ Baedomo,+ marena a Zoba+ le Bafilista.+ Hohle moo a neng a ea teng o ne a hlola. 48 O ile a loana a le sebete, a hlola Baamaleke+ ’me a pholosa Baiseraele ho lira tsa bona.
-
-
1 Samuele 15:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Samuele a re ho Saule: “Jehova o ile a nthomela hore ke u tlotse hore u be morena oa sechaba sa hae sa Iseraele.+ Mamela hore na Jehova o re’ng.+ 2 Jehova oa mabotho o re: ‘Ke tla iphetetsa ho Baamaleke hobane ba ile ba hlasela Baiseraele ha ba tsoa Egepeta.+ 3 Joale tsamaea u e’o bolaea Baamaleke+ ’me u ba felise+ hammoho le lintho tsohle tsa bona. U se ke oa ba qenehela. U bolaee+ banna, basali, bana, masea, lipoho, linku, likamele le litonki.’”+
-