Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 20:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao+ e le hore u ka phela nako e telele naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona.+

  • Deuteronoma 21:18-21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Haeba motho a e-na le mora ea manganga ebile e le lerabele, a sa mamele ntate oa hae kapa ’mè oa hae+ ’me ba lekile ho mo khalemela empa a hana ho ba mamela,+ 19 ntate oa hae le ’mè oa hae ba mo tšoare ’me ba mo ise ho banna ba baholo keiting ea motse oa habo. 20 Ba re ho banna bao, ‘Mora enoa oa rona o manganga ebile ke lerabele. O hana ho re mamela. O ja ho feta tekano+ ebile ke letahoa.’+ 21 Joale batho bohle ba motse oa habo ba lokela ho mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a shoa. Le lokela ho tlosa se sebe har’a lona ’me Baiseraele bohle ba tla utloa ’me ba tla tšoha.+

  • Liproverbia 20:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Mang kapa mang ea rohakang ’mè oa hae le ntate oa hae,

      Lebone la hae le tla tingoa ha ho e-ba lefifi.+

  • Liproverbia 30:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Makhoaba a likhohlo* a tla honya leihlo

      La motho ea somang ntate oa hae le ea sa mameleng ’mè oa hae+

      ’Me malinyane a ntsu a tla ja leihlo la hae.+

  • Matheu 15:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Molimo o ile a re: ‘Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao,’+ a boela a re: ‘Mang kapa mang ea rohakang* ntate oa hae kapa ’mè oa hae o lokela ho bolaoa.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela