15 Empa haeba le sa mamele lentsoe la Jehova Molimo oa lona ka hore le phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, likotlo tsena tsohle li tla le tlela ’me lintho tsena tsohle tse mpe li tla le hlahela:+
10 Batho bohle ba tšepileng molao ba malimabe hobane Mangolo a re: “Batho bohle ba sa mameleng le ba sa etseng lintho tsohle tse ngotsoeng ka moqolong oa Molao ba malimabe.”+