Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 27:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 O tla ema ka pel’a moprista Eleazare, ea tla mo botsetsa qeto ea Jehova a sebelisa Urime.+ Ka taelo ea hae ba tla tsoa ’me ka taelo ea hae ba tla kena, eena le Baiseraele bohle le sechaba sohle.”

  • Baahloli 20:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Joale Finease+ mora oa Eleazare, eo ntate oa hae e leng Arone, o ne a sebeletsa* ka pel’a areka mehleng eo. A botsa a re: “Na re lokela ho ea loantša bana ba bo rona ba Babenjamine hape kapa re tlohele?”+ Jehova a re: “Tsamaeang hobane hosane ke tla le thusa hore le ba hlole.”

  • 1 Samuele 23:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Kahoo, Davida a botsa Jehova+ a re: “Na ke ee ke e’o bolaea Bafilista baa?” Jehova a re ho Davida: “E-ea, u e’o bolaea Bafilista ’me u pholose Keila.”

  • 1 Samuele 23:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Na baeta-pele* ba Keila ba tla nehelana ka ’na letsohong la hae? Na Saule o tla tla joalokaha mohlanka oa hao a utloile? Ka kopo Jehova Molimo oa Iseraele, bolella mohlanka oa hao.” Eaba Jehova o re: “O tla tla.”

  • 1 Samuele 28:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Le hoja Saule a ne a botsa Jehova,+ le ka mohla Jehova o ne a sa mo arabe ebang ke ka litoro, ka Urime+ kapa ka baprofeta.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela