-
1 Likronike 11:15-19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Banna ba bararo ho ba 30 ba ka sehloohong ba ea lefikeng ho Davida lehaheng la Adulame.+ Ka nako eo, lebotho la Bafilista le ne le hlomme litente Khohlong* ea Barefaime.+ 16 Ka nako eo, Davida o ne a le sebakeng se sireletsehileng ’me masole a Bafilista a ne a hlomme litente tsa ’ona Bethlehema. 17 Davida a bua hore na o lakatsa eng a re: “Ke lakatsa ho noa metsi a tsoang selibeng se keiting ea Bethlehema.”+ 18 Eaba banna ba bararo ba matla ba kena ka nkane litenteng tsa Bafilista ’me ba kha metsi selibeng se keiting ea Bethlehema ’me baa tlisa ho Davida. Empa Davida a hana ho a noa, a a qhalla fatše ka pel’a Jehova. 19 Davida a re: “Le ka mohla nke ke ka etsa ntho ena hobane ke hlompha Molimo. Na nka noa mali a banna baa ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing?+ Ba behile bophelo ba bona kotsing hore ba ntlisetse ’ona.” Kahoo, a hana ho a noa. Tsena ke lintho tseo banna ba hae ba bararo ba matla ba li entseng.
-