-
2 Likronike 6:26, 27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
26 Ha pula e sa ne+ hobane sechaba se u etselitse sebe+ ’me se rapela se shebile sebaka sena, se tlotlisa lebitso la hao se bile se tlohela ho etsa sebe hobane u entse hore se ikokobetse,+ 27 e se eka u ka utloa u le maholimong ’me oa tšoarela libe tsa bahlanka ba hao e leng sechaba sa hao sa Iseraele hobane u tla se tataisa hore se tsamaee tseleng e nepahetseng+ u be u nese pula+ naheng eo u se fileng eona e le lefa.
-