Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 9:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Jehu+ mora oa Josafate e leng mora oa Nimshi a rerela Jorame bolotsana.

      Jorame le masole a Iseraele ba ne ba le Ramothe-gileade+ ho sireletsa Iseraele e le hore Morena Hazaele+ oa Siria a se ke a e hlasela.

  • 2 Marena 9:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Jehu a nka seqha a betsa Jorame pakeng tsa mahetla ’me motsu oa tsoa le pelong ea hae eaba Jorame o oela ka har’a kariki ea hae ea ntoa.

  • 2 Marena 10:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 A ba ngolla lengolo la bobeli le reng: “Haeba le ka lehlakoreng la ka ’me le ikemiselitse ho ’mamela, khaolang lihlooho tsa bara ba morena oa lona ’me le li tlise ho ’na hosane ka nako ena Jezriele.”

      Bara ba 70 ba morena ba ne ba e-na le banna ba motse ba khethiloeng ba neng ba ba holisa. 7 Hang ha lengolo le fihla ho bona, ba lata bara ba morena ba 70+ ’me ba ba khaola lihlooho eaba ba li kenya ka libasketeng ’me ba li romela Jezriele ho Jehu.

  • 2 Marena 10:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Jehu le Jonadabe+ mora oa Rekabe ba kena ka tempeleng ea Baale. Jehu a re ho barapeli ba Baale: “Etsang bonnete ba hore ha ho na morapeli oa Jehova ka mona, ho sale barapeli ba Baale feela.”

  • 2 Marena 10:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Hang ha ho qetoa ho etsoa linyehelo tsa secheso, Jehu a re ho balebeli* le ho balaoli ba hae ba masole: “Kenang le ba bolaee! Le se ke la lumella le a le mong hore a phonyohe!”+ Kahoo, balebeli le bathusi ba ba bolaea ’me ba ba lahlela ka ntle. Ba kena le ka sehalalelong* se ka hare sa tempele ea Baale.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela