-
2 Likronike 18:23-27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Tsedekia+ mora oa Kenana a atamela ho Mikaia+ ’me a mo otla lerameng+ a re: “Lengeloi la Jehova le mphetile joang ’me la bua le uena?”+ 24 Mikaia a re: “U tla bona hore na le u fetile joang mohlang u e’o ipata kamoreng e ka hare-hare.” 25 Morena oa Iseraele a re: “Isa Mikaia ho Amone letona la motse le ho Joashe mora oa morena. 26 U re ho bona, ‘Morena o re: “Koallang monna enoa teronkong+ ’me le fokotse metsi le lijo tseo a lokelang ho li fuoa ho fihlela ke khutla ke ntse ke phela.”’” 27 Empa Mikaia a re: “Haeba u ka khutla u ntse u phela, e tla ba Jehova ha aa bua le ’na.”+ A boela a re: “Lona sechaba, le hopole mantsoe ana.”
-