Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 21:7-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 O ile a beha setšoantšo se betliloeng sa palo e halalelang*+ seo a neng a se entse ka tlung eo ka eona Jehova a ileng a re ho Davida le ho mora oa hae Solomone: “Ke tla beha lebitso la ka ka ho sa feleng ka tlung ena le Jerusalema eo ke e khethileng malokong ’ohle a Iseraele.+ 8 Haeba Baiseraele ba mamela litaelo tsa ka tseo ke ba fileng tsona le Molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a itseng ba o latele,+ nke ke ka ba tlosa hape naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona.”+ 9 Empa Baiseraele ha baa ka ba mamela, Manase o ile a ba khelosa, a etsa hore ba etse lintho tse mpe ho feta tse neng li etsoa ke lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse ha Baiseraele ba hapa naha.+

  • 2 Marena 23:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Jehova a re: “Ke tla tlosa Bajuda ka pel’a ka+ feela joalokaha ke tlositse Baiseraele.+ Hape ke tla lahla motse oo ke o khethileng oa Jerusalema le ntlo eo ke itseng lebitso la ka le tla lula le le ho eona.”+

  • 2 Likronike 7:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ke khethile ntlo ena ebile ke e halalelitse e le hore ke behe lebitso la ka moo ka ho sa feleng+ ’me mahlo a ka le pelo ea ka li tla lula li le moo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela