-
Deuteronoma 30:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
30 Ha mantsoe ana ’ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomalimabe tseo ke li behileng ka pel’a lona+ ’me le ikhopotsa*+ ’ona le le har’a lichaba tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 ’me le khutlela ho Jehova Molimo oa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentsoe la hae ho ea ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle,+ 3 Jehova Molimo oa lona o tla le lata botlamuoeng+ a le bontše mohau+ ’me a boele a le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona.+
-
-
Daniele 9:2, 3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 ha ke ntse ke bala libuka* selemong seo, ke ile ka hlokomela hore Jerusalema+ e ne e tla lula e se na baahi ka lilemo tse 70+ joalokaha Jehova a ne a boleletse moprofeta Jeremia. 3 Ka mor’a moo, ka kopa thuso ho Jehova Molimo oa ’nete, ka rapela, ka itima lijo,+ ka apara lesela le hoashang* ’me ka itšela ka molora.
-