-
2 Marena 25:13-15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Bakalde ba pshatla lipilara tsa koporo+ tse neng li le ntlong ea Jehova, literoli+ le Tanka* ea koporo,+ tse neng li le ka tlung ea Jehova ’me ba isa koporo eo Babilona.+ 14 Ba boela ba nka linkho, likharafu, lintho tse timang mollo, likopi le lintho tsohle tse neng li sebelisoa tempeleng, tse entsoeng ka koporo. 15 Mookameli oa balebeli a nka lipane tsa mollo le likotlolo tse entsoeng ka khauta ea ’nete+ le silevera ea ’nete.+
-
-
Daniele 1:1, 2Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
1 Ka selemo sa boraro sa puso ea Morena Jojakime+ oa Juda, Morena Nebukadnezare oa Babilona a tla Jerusalema ’me a e thibella.+ 2 Ha nako e ntse e ea, Jehova a nehelana ka Morena Jojakime oa Juda letsohong la Nebukadnezare+ hammoho le tse ling tsa lisebelisoa tsa ntlo* ea Molimo oa ’nete. Nebukadnezare o ile a tlisa lisebelisoa tseo naheng ea Shinare*+ ka tlung* ea molimo oa hae eaba o li beha matlotlong a molimo oa hae.+
-