Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 5:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Joale moprofeta Hagai+ le moprofeta Zakaria+ setloholo sa Ido+ ba profetela Bajuda ba neng ba le Juda le Jerusalema. Ba ba profetela ka lebitso la Molimo oa Iseraele ea neng a ba okametse. 2 Ke ka nako eo Zorobabele+ mora oa Shalatiele le Jeshua+ mora oa Jozadake ba ileng ba qala ho haha bocha ntlo ea Molimo+ e neng e le Jerusalema ’me baprofeta ba Molimo ba ne ba e-na le bona, ba ba tšehetsa.+

  • Zakaria 1:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 1 Ka khoeli ea borobeli selemong sa bobeli sa puso ea Dariuse,+ Jehova o ile a bua le moprofeta Zakaria*+ mora oa Berekia mora oa Ido a re:

  • Zakaria 1:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ka letsatsi la bo24 la khoeli ea bo11 e leng khoeli ea Shebate,* selemong sa bobeli sa puso ea Dariuse,+ Jehova a etsa hore* moprofeta Zakaria mora oa Berekia mora oa Ido a bone pono eaba Zakaria o re:

  • Zakaria 6:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Batho ba tla tloha hole ba tl’o thusa ho haha tempele ea Jehova.” Le tla tseba hore Jehova oa mabotho o nthometse ho lona. Lintho tsena li tla etsahala haeba le ka mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lona.’”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela