-
2 Likronike 36:22, 23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse+ oa Persia, Jehova a susumetsa pelo ea Morena Saeruse oa Persia hore a etse phatlalatso hohle pusong ea hae e le hore mantsoe a Jehova a ileng a buuoa ke Jeremia+ a ka phethahala. Morena o ile a ba a ngola phatlalatso eo+ a re: 23 “Morena Saeruse oa Persia o re, ‘Jehova Molimo oa maholimo o mphile mebuso eohle ea lefatše+ ’me o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema e Juda.+ Mang kapa mang eo e leng oa sechaba sa hae ea har’a lona, a ke a ee teng ’me Jehova Molimo oa hae a be le eena.’”+
-