-
Esdrase 9:3, 4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Hang ha ke utloa taba ena, ka tabola liaparo tsa ka eaba ke hlotha moriri o mong oa hlooho ea ka le litelu ’me ka lula fatše ke tšohile. 4 Ha ke ntse ke lutse ke tšohile ho fihlela mantsiboea ha ho etsoa nyehelo ea lijo,*+ batho bohle ba hlomphang* mantsoe a Molimo oa Iseraele ba bokana pel’a ka hobane ba ne ba tšoenngoa ke libe tsa batho ba isitsoeng botlamuoeng.
-
-
Daniele 9:3-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Ka mor’a moo, ka kopa thuso ho Jehova Molimo oa ’nete, ka rapela, ka itima lijo,+ ka apara lesela le hoashang* ’me ka itšela ka molora. 4 Ka rapela Jehova Molimo oa ka, ka bolela libe tsa rona ka re:
“Jehova Molimo oa ’nete, Molimo e moholo le ea hlomphehang,* ea tšepahallang selekane sa hae le ea ratang batho ba mo ratang+ le ba mamelang litaelo tsa hae,+ 5 re entse sebe, ra u fosetsa, ra etsa lintho tse khopo le ho u fetohela.+ Ha rea latela litaelo le likahlolo tsa hao.
-