Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 9:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Hang ha lintho tsena li se li entsoe, likhosana tsa tla ho ’na tsa re: “Batho ba Iseraele le baprista le Balevi ha baa ikarola ho lichaba tsa linaha tsena le ho mekhoa ea tsona e nyonyehang+ e leng ea Bakanana, Bahethe, Bapereze, Bajebuse, Baamone, Bamoabe, Baegepeta+ le Baamore.+ 2 Ba nkile ba bang ba barali ba bona hore e be basali ba bona ’me ba ba nkela le bara ba bona.+ Joale bona e leng litloholo* tse halalelang,+ ba tsoakane le batho ba linaha tsena.+ Likhosana le batlatsi ba babusi ke bona ba tlolang molao le ba sa tšepahaleng ho feta batho ba bang kaofela.”

  • Nehemia 13:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 E mong oa bara ba Jojada+ mora oa moprista ea phahameng Eliashibe,+ e ne e le mokhoenyana oa Sanbalate+ Mohorone. Kahoo, ka re a tlohe pel’a ka.

  • Ezekiele 44:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Ha baa lokela ho nyala mohlolohali kapa mosali ea hlaliloeng.+ Empa ba ka nyala moroetsana oa Moiseraele kapa mohlolohali eo monna oa hae e neng e le moprista.+

  • Malakia 2:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Moprista o lokela ho tseba* molao ’me batho ba tla tla ho eena ho tla mamela molao+ kaha ke moromuoa oa Jehova oa mabotho.

      8 Jehova oa mabotho o re: “Empa lona ha lea mamela molao ebile le entse hore batho ba bangata ba se ke ba o mamela.*+ Le sentse selekane sa ka le Levi.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela