Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 3:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ka khoeli ea bobeli selemong sa bobeli ka mor’a hore ba tle ntlong ea Molimo oa ’nete Jerusalema, Zorobabele mora oa Shalatiele, Jeshua mora oa Jozadake le bana ba bo bona ba bang kaofela, baprista, Balevi le bohle ba neng ba tlile Jerusalema ba tsoa botlamuoeng,+ ba qala mosebetsi oa ho haha. Ba ile ba khetha Balevi ba lilemo li 20 ho ea holimo hore e be baokameli ba mosebetsi oa ntlo ea Jehova.

  • Esdrase 5:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ke ka nako eo Zorobabele+ mora oa Shalatiele le Jeshua+ mora oa Jozadake ba ileng ba qala ho haha bocha ntlo ea Molimo+ e neng e le Jerusalema ’me baprofeta ba Molimo ba ne ba e-na le bona, ba ba tšehetsa.+

  • Hagai 1:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Eaba Jehova o susumetsa+ ’musi oa Juda+ e leng Zorobabele mora oa Shalatiele le moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake hammoho le batho bohle hore ba qale ho tsosolosa ntlo ea Jehova oa mabotho, Molimo oa bona.+

  • Zakaria 3:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 A mpontša Joshua+ moprista ea phahameng a eme ka pel’a lengeloi la Jehova ’me Satane+ a eme ka letsohong la hae le letona hore a mo hanyetse.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela