8Batho bohle ba bokana ka morero o tšoanang lebaleng le ka pel’a Keiti ea Metsi+ eaba ba bolella mokopitsi* Esdrase+ hore a tlise buka ea Molao oa Moshe,+ oo Jehova a neng a o laetse Baiseraele.+
3 Ho tloha mesong ho fihlela motšehare, a o balla holimo+ a le lebaleng le neng le le ka pel’a Keiti ea Metsi. A o balla banna, basali le bohle ba ka utloisisang ’me batho ba ile ba mamela buka ea Molao ka hloko.+