-
Deuteronoma 31:10-12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Moshe a ba laela a re: “Ha selemo se seng le se seng sa bosupa se fela, ka nako e behiloeng ea selemo sa tokollo,+ nakong ea Mokete oa Maphephe,*+ 11 ha Baiseraele bohle ba tla ka pel’a Jehova+ Molimo oa lona sebakeng seo a se khethang, le ba balle Molao ona e le hore ba o utloe.+ 12 Bokellang sechaba,+ banna, basali, bana* le balichaba ba lulang metseng* ea lona e le hore ba mamele ’me ba ithute ka Jehova Molimo oa lona le ho mo tšaba le hore ba phethe mantsoe ’ohle a Molao ona.
-