-
Exoda 2:23-25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Ka mor’a lilemo tse ngata,* morena oa Egepeta a shoa+ empa Baiseraele ba ’na ba tletleba le ho lla ka lebaka la bokhoba ’me ba ’na ba llela ho Molimo oa ’nete+ hore a ba thuse. 24 Ka mor’a nako, Molimo a utloa ho tletleba ha bona+ eaba o hopola selekane* sa hae le Abrahama, Isaka le Jakobo.+ 25 Molimo a bona Baiseraele ’me a hlokomela hore baa sotleha.
-