Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 2:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ha Jehova a ba fa moahloli,+ Jehova o ne a e-ba le moahloli eo ’me a ba pholosa ho lira tsa bona ha moahloli eo a ntse a phela hobane Jehova o ne a ba utloela bohloko+ ha ba lla ka lebaka la batho ba neng ba ba hateletse+ le ba neng ba ba hlorisa.

  • Baahloli 3:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ha Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova,+ Jehova o ile a khetha mopholosi e le hore a ba pholose+ e leng Othniele+ mora oa Kenaze, ngoan’abo Kalebe.

  • Baahloli 3:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Eaba Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova.+ Kahoo, Jehova a ba fa mopholosi+ e leng Ehude+ ea neng a le leqele,*+ mora oa Gera, Mobenjamine.+ Ka mor’a nako, Baiseraele ba mo roma hore a ise lekhetho* ho Eglone morena oa Moabe.

  • 1 Samuele 12:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Jehova a roma Jerubaale,+ Bedane, Jafeta+ le Samuele+ ’me a le pholosa ho lira tsa lona tse le potolohileng ka hohle e le hore le ka lula le sireletsehile.+

  • 2 Marena 13:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ha nako e ntse e ea, Joakaze a kopa Jehova hore a mo thuse. Jehova a mo mamela kaha o ne a bona kamoo morena oa Siria a hateletseng Baiseraele kateng.+ 5 Jehova o ile a fa Baiseraele motho ea ileng a ba pholosa+ ho Basiria ’me Baiseraele ba lula ka khotso malapeng a bona joaloka pele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela