-
2 Likronike 36:15, 16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a ba lemosa ka baromuoa ba hae. O ne a ba lemosa ka makhetlo a mangata hobane a utloela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ea hae e felisoe. 16 Empa ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete,+ ba nyatsa mantsoe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.
-
-
Esaia 42:24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Ke mang ea nehetseng Jakobo hore e nkeloe thepa ka mahahapa
Le ea nehetseng Iseraele ho ba tlatlapang?
Na ha se Jehova, eo ba mo sitetsoeng?
-