-
Exoda 34:15, 16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Hlokomelang hore le se ke la etsa tumellano le baahi ba naha hobane ha ba etsa botekatse* ka ho rapela melimo ea bona ’me ba e etsetsa mahlabelo,+ ba tla le mema ebe le ja mahlabelo a bona.+ 16 Le tla nkela bara ba lona barali ba bang ba bona+ ’me ha barali ba bona ba etsa botekatse* ka ho rapela melimo ea bona, ba tla etsa hore bara ba lona ba etse botekatse ka hore ba rapele melimo ea bona.+
-
-
Deuteronoma 7:3, 4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Le se ke la etsa selekane leha e le sefe sa lenyalo* le lichaba tseo. Le se ke la fana ka barali ba lona hore ba nyaloe ke bara ba tsona kapa hore bara ba lona ba nyale barali ba tsona.+ 4 Kaha ba tla khelosa bana ba lona hore ba se ke ba ntatela ’me ba sebeletse melimo e meng,+ Jehova o tla le halefela haholo ’me o tla le felisa ka potlako.+
-