-
1 Likronike 9:22-27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Bohle ba neng ba khethiloe hore e be balebeli ba likeiti ba ne ba le 212. Ba ne ba le metsaneng ea bona ho ea kamoo ba neng ba ngolisitsoe kateng ka maloko a bona.+ Davida le Samuele e leng seboni,+ ba ile ba beha banna bana boemong boo hobane ba ne ba tšepahala. 23 Bona le bara ba bona ba ne ba okametse mosebetsi oa ho lebela likeiti tsa ntlo ea Jehova+ e leng ntlo ea tente. 24 Balebeli ba likeiti ba ne ba le ka mahlakoreng a mane, ka bochabela, ka bophirimela, ka leboea le ka boroa.+ 25 Nako le nako bana ba bo bona ba ne ba tla ka matsatsi a supileng ba tsoa metsaneng ea bona hore ba tl’o sebetsa hammoho le bona. 26 Ho ne ho e-na le balebeli ba likeiti ba bane ba ka sehloohong* ba neng ba tšepahala mosebetsing oa bona. E ne e le Balevi ’me ba ikarabella ka likamore* le ka matlotlo a ntlo ea Molimo oa ’nete.+ 27 Ba ne ba qeta bosiu bohle ba pota-potile ntlo ea Molimo oa ’nete hobane ba ne ba ikarabella ka mosebetsi oa ho lebela le ka ho bula* ntlo hoseng ho hong le ho hong.
-