12 Jehova a re ho Satane: “Etsa seo u se batlang ka lintho tseo a nang le tsona. Empa eena u se ke oa mo etsa letho.” Ka mor’a moo, Satane a tloha ka pel’a* Jehova.+
17 Ha moromuoa oa bobeli a ntse a bua, oa boraro a fihla ’me a re ho Jobo: “Lihlopha tse tharo tsa Bakalde+ li ile tsa fihla tsa nka likamele tsa ba tsa bolaea bahlanka ba hao ka sabole. Ke ’na feela ea phonyohileng ’me ke tlile ho tla u joetsa.”