Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 20:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 U se ke oa sebelisa lebitso la Jehova Molimo oa hao hampe+ hobane Jehova o tla otla motho ea sebelisang lebitso la hae hampe.+

  • Jobo 4:18-20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ha a tšepe bahlanka ba hae*

      Ebile o tšoaea mangeloi a hae liphoso.

      19 A ka tšepa joang ba lulang matlong a entsoeng ka mobu,

      Ba entsoeng ka lerole,+

      Ba bolaoang habonolo joaloka tšoele?*

      20 Baa phela hoseng ebe mantsiboea baa shoa,

      Baa shoa ’me ha ho na motho ea ba tsotellang.

  • Jobo 22:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 “Na motho o na le molemo ho Molimo?

      Na motho leha e le ofe ea bohlale a ka mo tsoela molemo?+

       3 Na Ea Matla ’Ohle o na le taba* hore na u lokile

      Kapa na ho na le molemo oo a o fumanang haeba u tšepahala?+

  • Jobo 25:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Molimo ha a bone khoeli e khanya

      Le linaleli ha lia hloeka mahlong a hae.

       6 Ho joalo le ka motho eo e leng tšenyane*

      Le mor’a motho eo e leng seboko.”

  • Jobo 42:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 E-eang ho mohlanka oa ka Jobo le nkile lipoho tse supileng le liramo tse supileng ’me le iketsetse sehlabelo sa secheso. Mohlanka oa ka Jobo o tla le rapella.+ Ke tla mamela thapelo ea hae* ’me nke ke ka le fa kotlo ka lebaka la booatla ba lona. Ha lea bua ’nete ka ’na, ke mohlanka oa ka Jobo feela ea e buileng.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela