26 Molimo o fa batho ba mo khahlisang bohlale, tsebo le thabo+ empa baetsalibe o ba fa mosebetsi oa ho bokella le ho phutha e le hore feela ba fe ea khahlisang Molimo oa ’nete.+ Hona le hona ke lefeela le ho lelekisa moea.
17 Molimo oa ’nete a fa bacha* bana ba bane tsebo, bohlale le bokhoni ba ho utloisisa lintho tsohle tse ngotsoeng. Daniele eena o ile a fuoa bokhoni ba ho utloisisa mefuta eohle ea lipono le litoro.+
25 Ka nako eo, Jesu a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše hobane u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena empa u li senoletse bana ba banyenyane.+
5 Haeba mang kapa mang ho lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a bo kope ho Molimo+ ’me o tla bo fuoa+ hobane Molimo o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa ahlole.*+