Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 139:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Haeba ke re: “Nke ke ka bonahala ha ke le lefifing,”

      Ho uena lefifi leo le ne le tla ba joaloka khanya.

      12 Lefifi le ne le ke ke la e-ba letšo ho uena,

      Bosiu bo ne bo tla khanya joaloka motšehare.+

      Ho uena lefifi le tšoana le khanya.+

  • Esaia 29:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ho malimabe ba sebetsang ka thata ho patela Jehova merero ea bona.+

      Ba etsetsa liketso tsa bona lefifing,

      Ba ntse ba re: “Ke mang ea re bonang?

      Ke mang ea tsebang ka rona?”+

  • Jeremia 23:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 “Na ho na le motho ea ka ipatang moo ke sa mo boneng?”+ ke Jehova ea chong.

      “Na ho na le ntho leha e le efe eo nke keng ka e bona leholimong kapa lefatšeng?”+ ke Jehova ea chong.

  • Amose 9:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 Haeba ba ka ipata thabeng ea Karmele,

      Ke tla ba batla ke ba theole moo.+

      Ha ba ka ipatela ’na bolibeng ba leoatle,

      Ke tla romela noha moo hore e ba lome.

  • Baheberu 4:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Molimo o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe,+ lintho tsohle lia bonahala ’me li pepesitsoe ka pel’a mahlo a ea tla re ahlola ho ea ka mesebetsi ea rona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela