Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 18:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Na ho na le ntho e ka hlolang Jehova?+ Ke tla khutlela ho uena selemong se tlang ka eona nako ena ’me Sara o tla be a e-na le mora.”

  • Pesaleme 135:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Jehova o etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang ho e etsa+

      Leholimong le lefatšeng, maoatleng le libakeng tsohle tse tebileng.

  • Esaia 43:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Hape, kamehla ke ’na ea tšoanang,+

      Ha ho na motho ea ka nkang letho letsohong la ka.+

      Ha ke nka khato, ke mang ea ka nthibang?”+

  • Esaia 55:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Feela joalokaha pula le lehloa li theoha leholimong,

      Li sa khutlele teng li e-s’o nosetse lefatše le ho etsa hore le be le lihlahisoa ’me le hlomele

      Le hore le hlahisetse mojali peo le batho ba fumane lijo,

      11 Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo.+

      Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana.+

      Le tla fela le etse eng kapa eng eo ke e ratang*+

      ’Me joang kapa joang le tla atleha nthong eo ke le rometseng hore le e etse.

  • Jeremia 32:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle! U entse maholimo le lefatše ka matla a hao a maholo+ le ka letsoho la hao le matla. Ha ho letho le ka u hlolang,

  • Mareka 10:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Jesu a ba sheba eaba o re: “Ho batho ho ke ke ha khoneha empa ho Molimo ha ho joalo hobane lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”+

  • Luka 18:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Jesu a re: “Lintho tse ke keng tsa khoneha ho batho lia khoneha ho Molimo.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela