Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 17:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Ha Akitofele a bona hore keletso ea hae ha ea sebelisoa, a palama tonki ’me a ea ntlong ea hae motseng oa habo.+ Ka mor’a hore a fe ba lelapa la hae litaelo,+ a iphanyeha.*+ Kahoo, a shoa ’me a pateloa moo baholo-holo ba hae ba patetsoeng teng.

  • 2 Samuele 18:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Eaba Joabe o re: “E-re ke tlohele ho itšenyetsa nako ka uena!” A nka metsu* e meraro, a e hlabella pelong ea Absalome a ntse a phela a leketlile sefateng se seholo.

  • Pesaleme 109:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 E se eka Jehova a ka lula a hopola lintho tseo ba li entseng.

      A etse hore ba se ke ba hlola ba hopoloa lefatšeng.+

  • Matheu 27:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Joale ha Judase ea mo rekisitseng* a bona hore Jesu o ne a ahlotsoe, a itšoabela eaba o khutlisetsa likotoana tsa silevera tse 30 ho baholo le baprista ba baholo a re:+

  • Matheu 27:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Eaba o akhela likotoana tsa silevera ka tempeleng, a tsamaea ’me a iphanyeha.+

  • Liketso 1:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 “Bana beso, boprofeta ba lengolo leo moea o halalelang o ileng oa susumetsa Davida hore a bo bolele bo ne bo lokela ho phethahala. Ke boprofeta bo buang ka Judase+ ea ileng a tataisa batho ba ileng ba tšoara Jesu.+

  • Liketso 1:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 (Monna enoa o ile a reka tšimo ka moputso oa bokhopo.+ O ile a tabana fatše ka hlooho, mpa ea hae ea phatloha eaba mala a hae kaofela aa qhalana.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela